BIBELE e Halalelang

Levitike 20:12-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Ekare ha e mong a feba le ngwetsi ya hae, ba tla bolawa ba babedi; ba ferekantse molao wa ditaba: madi a bona a tla ba hodima bona.

13. Ekare ha monna a robetse le monna e mong, jwalokaha ho robalwa le mosadi, ba entse ba babedi ntho e manyala, ba tla bolawa: madi a bona a tla ba hodima bona.

14. Ekare ha e mong a inkela mosadi le mmae ho ba etsa basadi, ke sebe se tshabehang: ba tla tjheswa mollong, yena le bona, hore sebe sena se se ke sa eba teng hara lona.

15. Ekare ha e mong a robala le phoofolo, o tla bolawa, le yona phoofolo le tla e bolaya.

16. Ekare ha mosadi a ka emela phoofolo hore a fejwe ke yona, o tla bolaya mosadi eo le yona phoofolo; mosadi o tla bolawa le yona phoofolo, mme madi a bona a tla ba hodima hae le hodima yona.

17. Ekare ha e mong a inkela kgaitsedi ya hae, moradi wa ntatae, kapa moradi wa mmae, ho mo etsa mosadi, mme monna a bona bofeela ba kgaitsedi ya hae, le mosadi a bona bofeela ba kgaitsedie, ke ketso e manyala; ba tla tloswa hara bana ba setjhaba sa habo; monna o apotse bofeela ba kgaitsedie, o tla jara sebe sa hae.

18. Ekare ha monna a robala le mosadi ya idileng, a apola bofeela ba hae, mme a pepesa mohlapo wa hae, le yena mosadi a pepesa letlang la hae, ba tla tloswa ba babedi hara setjhaba sa habo bona.

19. O se ke wa apola bofeela ba ngwanabo mmao, leha e le ba kgaitsedi ya ntatao; hobane moo, ke ho apola madi a hao; ba tla jara sebe sa bona.

20. Ekare ha e mong a ka robala le mosadi wa ngwanabo ntatae, o apotse bofeela ba ngwanabo ntatae; ba tla jara sebe sa bona; ba tla shwa ba se na bana.

21. Ekare ha e mong a nka mosadi wa ngwanabo, ke ntho e sa lokang, o apotse bofeela ba ngwanabo; ba tla hloka bana.

22. Le tla boloka melao yohle ya ka, le ditaelo tsa ka kaofela, le ye ka tsona, hore naha eo ke le isang ho yona ho aha teng e se ke ya le hlatsa.

23. Le se ke la ya ka mekgwa ya ditjhaba tseo ke tla di lelekisa pela lona; hobane di entse dintho tseo kaofela, mme ho nna di manyala.

24. Ke le boleletse, ka re: Ke lona le tlang ho rua naha ya tsona, mme ke tla le fa yona, e be ya lona; ke naha e kollang lebese le dinotshi. Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le kgaohantseng le ditjhaba.

25. Kgethahanyang phoofolo e hlwekileng ho phoofolo e sa hlwekang, le nonyana e hlwekileng ho nonyana e sa hlwekang, hore le tle le se ke la iketsa batho ba manyala ka diphoofolo, le ka dinonyana, le ka tsohle tse hahabang lefatsheng, tseo ke le tsebisitseng tsona hore ke tse sa hlwekang.

26. Kgethehelang nna, hobane ke kgethehile, nna, Jehova, mme ke le kgaohantse le ditjhaba, le tle le be ba ka.

27. Ekare ha e mong a fumanwa hara lona, e le monna, kapa mosadi, ya bitsang bafu, kapa a iketsa senohe, ba tla bolawa, ba tlepetswe ka majwe; madi a bona a tla ba hodima bona.