BIBELE e Halalelang

Levitike 19:5-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Etlare ha le hlabela Jehova sehlabelo sa teboho, le tla se hlahisa ka mokgwa oo se ka dumelehang ka wona:

6. se tla jewa ka letsatsi la sehlabelo, leha e le ka le hlahlamang, mme ho ka salang ho isa tsatsing la boraro, ho tla tjheswa ka mollo.

7. Ha se ka jewa ka letsatsi la boraro, e tla ba ntho e sebodu, le sehlabelo se ke keng sa dumeleha.

8. Ya tlang ho se ja, o tla jara boima ba molato wa hae, hobane o nyefotse se kgethetsweng Jehova; motho eo o tla tloswa hara setjhaba sa habo.

9. Etlare ha le kotula masimo a naha ya lona, o se ke wa kotudisa lehlakore la tshimo ya hao, mme o se ke wa thonakisa se ka salang tshimong.

10. Hape, o se ke wa kgwahlapisa morara wa hao, mme o se ke wa thonaka ditholwana tse weleng merareng. O di tlohelle bafumanehi le moditjhaba. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.

11. Le se ke la utswa, mme le se ke la thetsana ka mashano, leha e le ho phoma ba bang.

12. Le se ke la hlapanya ka leshano ka lebitso la ka, hobane moo etlaba ke ho nyefola lebitso la Modimo wa hao. Ke nna Jehova.

13. O se ke wa katella wa heno, leha e le ho mo tlatlapa. Moputso wa ya o sebeletsang ka letsatsi, o se ke wa o boloka ho isa hosasane.

14. O se ke wa rohaka ya tsebetutu; o se ke wa bea letho pela sefofu le ka mo kgopang. Tshaba Modimo wa hao. Ke nna Jehova.

15. Ha o ahlola, o se ke wa ahlola ka bokgopo; o se ke wa tadima tshobotsi ya ba eisehang, mme o se ke wa emela kahlolong ka ho ba hlompha ba leng baholo, o mpe o ahlole wa heno ka ho loka.

16. O se ke wa etselletsa le a mong wa setjhaba sa heno ka leshano, mme o se ke wa itlhahisa ho ba paki ya ho tsholla madi a wa heno. Ke nna Jehova.

17. O se ke wa hloya wa heno pelong ya hao; o ka mo kgalemela, empa o se ke wa itjarisa sebe ka baka la hae.

18. O se ke wa iphetetsa, mme o se ke wa bolokela bana ba setjhaba sa heno lonya. Rata wa heno jwalokaha o ithata. Ke nna Jehova.

19. Bolokang melao ya ka.O se ka wa hwedisana diphoofolo tsa hao tse seng tsa mofuta o le mong. O se ke wa jala tshimo ya hao ka dipeo tsa mefuta e mmedi, mme o se ke wa apara diaparo tse lohilweng ka ditshwele tsa mefuta e mmedi.

20. Etlare ha monna a robala le mosadi ya ruilweng, mme e le morwetsana ya lebeleditsweng ke e mong, empa a eso ho lopollwe, kapa a eso ho lokolohe, kotlo e tla ba teng; empa ba ke ke ba bolawa, hobane o ne a eso ho lokolohe.