BIBELE e Halalelang

Levitike 19:4-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Le se ke la rapela medimo ya lefeela, mme le se ke la iketsetsa medimo ya ditshwantsho. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.

5. Etlare ha le hlabela Jehova sehlabelo sa teboho, le tla se hlahisa ka mokgwa oo se ka dumelehang ka wona:

6. se tla jewa ka letsatsi la sehlabelo, leha e le ka le hlahlamang, mme ho ka salang ho isa tsatsing la boraro, ho tla tjheswa ka mollo.

7. Ha se ka jewa ka letsatsi la boraro, e tla ba ntho e sebodu, le sehlabelo se ke keng sa dumeleha.

8. Ya tlang ho se ja, o tla jara boima ba molato wa hae, hobane o nyefotse se kgethetsweng Jehova; motho eo o tla tloswa hara setjhaba sa habo.

9. Etlare ha le kotula masimo a naha ya lona, o se ke wa kotudisa lehlakore la tshimo ya hao, mme o se ke wa thonakisa se ka salang tshimong.

10. Hape, o se ke wa kgwahlapisa morara wa hao, mme o se ke wa thonaka ditholwana tse weleng merareng. O di tlohelle bafumanehi le moditjhaba. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.

11. Le se ke la utswa, mme le se ke la thetsana ka mashano, leha e le ho phoma ba bang.

12. Le se ke la hlapanya ka leshano ka lebitso la ka, hobane moo etlaba ke ho nyefola lebitso la Modimo wa hao. Ke nna Jehova.

13. O se ke wa katella wa heno, leha e le ho mo tlatlapa. Moputso wa ya o sebeletsang ka letsatsi, o se ke wa o boloka ho isa hosasane.

14. O se ke wa rohaka ya tsebetutu; o se ke wa bea letho pela sefofu le ka mo kgopang. Tshaba Modimo wa hao. Ke nna Jehova.

15. Ha o ahlola, o se ke wa ahlola ka bokgopo; o se ke wa tadima tshobotsi ya ba eisehang, mme o se ke wa emela kahlolong ka ho ba hlompha ba leng baholo, o mpe o ahlole wa heno ka ho loka.

16. O se ke wa etselletsa le a mong wa setjhaba sa heno ka leshano, mme o se ke wa itlhahisa ho ba paki ya ho tsholla madi a wa heno. Ke nna Jehova.

17. O se ke wa hloya wa heno pelong ya hao; o ka mo kgalemela, empa o se ke wa itjarisa sebe ka baka la hae.

18. O se ke wa iphetetsa, mme o se ke wa bolokela bana ba setjhaba sa heno lonya. Rata wa heno jwalokaha o ithata. Ke nna Jehova.

19. Bolokang melao ya ka.O se ka wa hwedisana diphoofolo tsa hao tse seng tsa mofuta o le mong. O se ke wa jala tshimo ya hao ka dipeo tsa mefuta e mmedi, mme o se ke wa apara diaparo tse lohilweng ka ditshwele tsa mefuta e mmedi.

20. Etlare ha monna a robala le mosadi ya ruilweng, mme e le morwetsana ya lebeleditsweng ke e mong, empa a eso ho lopollwe, kapa a eso ho lokolohe, kotlo e tla ba teng; empa ba ke ke ba bolawa, hobane o ne a eso ho lokolohe.

21. Monna o tla tlisa sehlabelo sa hae sa molato pela Jehova, monyako wa tente ya pokano, ke hore pheleu e be sehlabelo sa molato.