BIBELE e Halalelang

Levitike 19:28-35 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

28. Le se ke la phatsa mmele wa lona ka baka la mofu, mme le se ke la ingola ditshwantsho ka lehare. Ke nna Jehova.

29. O se ke wa senya moradi wa hao ka ho mo neela bootswa, esere naha ya senngwa ke bohlola, mme ya tlala bobe.

30. Le boloke Disabatha tsa ka, mme le hlomphe nqalo e halalelang ya ka. Ke nna Jehova.

31. Le se ke la kgelohela ho ba bitsang bafu, leha e le ho dinohe; le se ke la botsa ditaba ho bona, le tle le se ke la itshela ditshila ka bona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.

32. O eme pela moriri o moputswa, mme o hlomphe ya hodileng. Tshaba Modimo wa hao. Ke nna Jehova.

33. Ekare ha moditjhaba a ahella hara lona, naheng ya lona, le se ke la mo katella;

34. le etse moditjhaba jwalokaha le etsa ya tswaletsweng ha habo lona, mme le mo rate jwalokaha le ithata, hobane le ne le le baditjhaba naheng ya Egepeta. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.

35. Le se ke la thetsa dikahlolong, leha e le ditekanyong tsa bolelele, leha e le ditekanyong tsa boima, leha e le ditekanyong tsa ho tshela.