BIBELE e Halalelang

Levitike 19:15-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Ha o ahlola, o se ke wa ahlola ka bokgopo; o se ke wa tadima tshobotsi ya ba eisehang, mme o se ke wa emela kahlolong ka ho ba hlompha ba leng baholo, o mpe o ahlole wa heno ka ho loka.

16. O se ke wa etselletsa le a mong wa setjhaba sa heno ka leshano, mme o se ke wa itlhahisa ho ba paki ya ho tsholla madi a wa heno. Ke nna Jehova.

17. O se ke wa hloya wa heno pelong ya hao; o ka mo kgalemela, empa o se ke wa itjarisa sebe ka baka la hae.

18. O se ke wa iphetetsa, mme o se ke wa bolokela bana ba setjhaba sa heno lonya. Rata wa heno jwalokaha o ithata. Ke nna Jehova.

19. Bolokang melao ya ka.O se ka wa hwedisana diphoofolo tsa hao tse seng tsa mofuta o le mong. O se ke wa jala tshimo ya hao ka dipeo tsa mefuta e mmedi, mme o se ke wa apara diaparo tse lohilweng ka ditshwele tsa mefuta e mmedi.

20. Etlare ha monna a robala le mosadi ya ruilweng, mme e le morwetsana ya lebeleditsweng ke e mong, empa a eso ho lopollwe, kapa a eso ho lokolohe, kotlo e tla ba teng; empa ba ke ke ba bolawa, hobane o ne a eso ho lokolohe.

21. Monna o tla tlisa sehlabelo sa hae sa molato pela Jehova, monyako wa tente ya pokano, ke hore pheleu e be sehlabelo sa molato.

22. Moprista o tla mo etsetsa pheko pela Jehova, ka pheleu e tlisitsweng ya sehlabelo sa molato, ka baka la sebe seo a se entseng; mme sebe seo a se entseng o tla tshwarelwa sona.

23. Etlare hobane le kene naheng ya lona, ha le se le hlomile teng mefuta yohle ya difate tse behang ditholwana, le tla ila ditholwana tsa tsona, jwalokaha eka ha di a bolla; ka dilemo tse tharo di tla ba ho lona jwaloka eka ha di a bolla, mme di ke ke tsa jewa.

24. Ka selemo sa bone, ditholwana kaofela tsa tsona di tla kgethelwa Jehova ka thabo.

25. Ka selemo sa bohlano le tla itjella ditholwana tsa tsona, mme ya be esale le ikgella tsona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.

26. Le se ke la jellela letho le madi. Le se ke la upella, mme le se ke la noha.

27. Le se ke la beola moriri wa lona ho o etsa botjhitja, mme o se ke wa beola mathoko a ditedu tsa hao.

28. Le se ke la phatsa mmele wa lona ka baka la mofu, mme le se ke la ingola ditshwantsho ka lehare. Ke nna Jehova.

29. O se ke wa senya moradi wa hao ka ho mo neela bootswa, esere naha ya senngwa ke bohlola, mme ya tlala bobe.

30. Le boloke Disabatha tsa ka, mme le hlomphe nqalo e halalelang ya ka. Ke nna Jehova.

31. Le se ke la kgelohela ho ba bitsang bafu, leha e le ho dinohe; le se ke la botsa ditaba ho bona, le tle le se ke la itshela ditshila ka bona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.

32. O eme pela moriri o moputswa, mme o hlomphe ya hodileng. Tshaba Modimo wa hao. Ke nna Jehova.

33. Ekare ha moditjhaba a ahella hara lona, naheng ya lona, le se ke la mo katella;

34. le etse moditjhaba jwalokaha le etsa ya tswaletsweng ha habo lona, mme le mo rate jwalokaha le ithata, hobane le ne le le baditjhaba naheng ya Egepeta. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.