BIBELE e Halalelang

Levitike 19:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova a boela a bua le Moshe, a re:

2. Bolella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, o re ho bona: Halalelang, hobane ke a halalela, nna Jehova, Modimo wa lona.

3. E mong le e mong ho lona a hlonephe ntatae le mmae, mme le boloke Disabatha tsa ka. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.

4. Le se ke la rapela medimo ya lefeela, mme le se ke la iketsetsa medimo ya ditshwantsho. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.

5. Etlare ha le hlabela Jehova sehlabelo sa teboho, le tla se hlahisa ka mokgwa oo se ka dumelehang ka wona:

6. se tla jewa ka letsatsi la sehlabelo, leha e le ka le hlahlamang, mme ho ka salang ho isa tsatsing la boraro, ho tla tjheswa ka mollo.

7. Ha se ka jewa ka letsatsi la boraro, e tla ba ntho e sebodu, le sehlabelo se ke keng sa dumeleha.

8. Ya tlang ho se ja, o tla jara boima ba molato wa hae, hobane o nyefotse se kgethetsweng Jehova; motho eo o tla tloswa hara setjhaba sa habo.

9. Etlare ha le kotula masimo a naha ya lona, o se ke wa kotudisa lehlakore la tshimo ya hao, mme o se ke wa thonakisa se ka salang tshimong.