BIBELE e Halalelang

Levitike 18:4-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Le tla ya ka ditaelo tsa ka, le boloke melao ya ka ho ya ka yona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.

5. Le tla boloka ke hona melao ya ka le ditaelo tsa ka; motho ya tlang ho ya ka tsona, o tla phela ke tsona. Ke nna Jehova.

6. Ho se ke ha eba ya atamelang ho mosadi e leng wa madi a le mang le yena ho apola bofeela ba hae. Ke nna Jehova.

7. O se ke wa apola bofeela ba ntatao, ke hore bofeela ba mmao; ke mmao, o se ke wa apola bofeela ba hae.

8. O se ke wa apola bofeela ba mosadi wa ntatao; ke bofeela ba ntatao.

9. O se ke wa apola bofeela ba kgaitsedi ya hao, moradi wa ntatao, leha e le moradi wa mmao, ya tswaletsweng hae, kapa e leng letlalepepilwe.

10. O se ke wa apola bofeela ba moradi wa mora wa hao, leha e le ba moradi wa moradi wa hao, hobane ke bofeela ba hao.

11. O se ke wa apola bofeela ba moradi wa mohatsa ntatao ya tswetsweng ke ntatao, hobane ke kgaitsedi ya hao; o se ke wa apola bofeela ba hae.

12. O se ke wa apola bofeela ba rakgadiao, hobane ke madi a ntatao.