BIBELE e Halalelang

Levitike 18:21-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. O se ke wa neela ngwana leha a le mong wa bana ba hao hore a abelwe Moloke, o tle o se ke wa nyefola lebitso la Modimo wa hao. Ke nna Jehova.

22. O se ke wa robala le monna, jwalokaha ho robalwa le mosadi: ke ntho e manyala.

23. O se ke wa kopano le phoofolo ho itshela sesila ka yona. Mosadi a se ke a emela phoofolo ho robala le yona: ke manyala a tshabehang.

24. Le se ke la itshela sesila ka efe le efe ya ntho tseo, hobane ke ka dintho tseo kaofela ditjhaba tseo ke yang ho di lelekisa pela lona di itshetseng ditshila.

25. Ke ka tseo ba di entseng naha e silafetseng; jwale, ke tla e otla ka manyala a yona, mme e tla hlatsa baahi ba yona.

26. Le boloke ke hona melao le ditaelo tsa ka, mme le se ke la etsa leha le le leng la manyala ao, leha e le ya tswaletsweng ha eno, leha e le moditjhaba ya jakileng hara lona.

27. Hobane ke wona manyala wohle ao a kileng a etswa ke batho ba naha eo, ba neng ba ahile teng pele, mme naha e kile ya silafala.

28. Iponeleng hore naha e se ke ya le hlatsa, ha le e silafatsa, jwalokaha e hlatsitse ditjhaba tse neng di le ho yona pele.

29. Hobane bohle ba tlang ho etsa leha le le leng la manyala ao, ba tla tloswa hara setjhaba sa ba habo bona.

30. Le boloke melao ya ka, mme le se ke la etsa leha o le mong wa mekgwa e manyala e neng e etswa le eso ho kene, mme le se ke la itshela ditshila ka yona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.