BIBELE e Halalelang

Levitike 18:13-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. O se ke wa apola bofeela ba ngwanabo mmao, hobane ke madi a mmao.

14. O se ke wa apola bofeela ba ngwanabo ntatao, ke ho re o se ke wa atamela mosadi wa hae, hobane ke mmangwanao.

15. O se ke wa apola bofeela ba ngwetsi ya hao, hobane ke mosadi wa mora wa hao; o se ke wa apola bofeela ba hae.

16. O se ke wa apola bofeela ba mohatsa ngwaneno, ke bofeela ba ngwaneno.

17. O se ke wa apola bofeela ba mosadi le ba moradi wa hae; o se ke wa nka moradi wa mora hae, leha e le moradi wa moradi wa hae ho apola bofeela ba bona; hobane e ntse e le ba madi a le mang; ke polao.

18. O se ke wa nyala ngwanabo mosadi wa hao ho baka lefufa, ka ho apola bofeela ba hae mabapa le mosadi wa hao, ha a sa ntse a phela.

19. O se ke wa atamela mosadi ya idileng, ho apola bofeela ba hae.

20. O se ke wa bokana le mosadi wa wa heno ho itshela sesila le yena.

21. O se ke wa neela ngwana leha a le mong wa bana ba hao hore a abelwe Moloke, o tle o se ke wa nyefola lebitso la Modimo wa hao. Ke nna Jehova.

22. O se ke wa robala le monna, jwalokaha ho robalwa le mosadi: ke ntho e manyala.

23. O se ke wa kopano le phoofolo ho itshela sesila ka yona. Mosadi a se ke a emela phoofolo ho robala le yona: ke manyala a tshabehang.

24. Le se ke la itshela sesila ka efe le efe ya ntho tseo, hobane ke ka dintho tseo kaofela ditjhaba tseo ke yang ho di lelekisa pela lona di itshetseng ditshila.