BIBELE e Halalelang

Levitike 18:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova a boela a bua le Moshe, a re:

2. Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona:

3. Ke nna Jehova, Modimo wa lona. Le se ke la lekisa se etswang naheng ya Egepeta, moo le kileng la aha teng, leha e le se etswang naheng ya Kanana eo ke ya le kenya ho yona, mme le se ke la latela mekgwa ya bona.

4. Le tla ya ka ditaelo tsa ka, le boloke melao ya ka ho ya ka yona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.

5. Le tla boloka ke hona melao ya ka le ditaelo tsa ka; motho ya tlang ho ya ka tsona, o tla phela ke tsona. Ke nna Jehova.

6. Ho se ke ha eba ya atamelang ho mosadi e leng wa madi a le mang le yena ho apola bofeela ba hae. Ke nna Jehova.

7. O se ke wa apola bofeela ba ntatao, ke hore bofeela ba mmao; ke mmao, o se ke wa apola bofeela ba hae.

8. O se ke wa apola bofeela ba mosadi wa ntatao; ke bofeela ba ntatao.

9. O se ke wa apola bofeela ba kgaitsedi ya hao, moradi wa ntatao, leha e le moradi wa mmao, ya tswaletsweng hae, kapa e leng letlalepepilwe.