BIBELE e Halalelang

Levitike 17:6-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Moprista o tla tshollela madi a yona aletareng ya Jehova, monyako wa tente ya pokano, mme o tla tjhesa mafura, e be monko o monate ho Jehova.

7. ba se ke ba hlola ba hlabela diphooko tseo ba di latelang bootsweng ba tsona. Ke oo molao o sa feleng oo ba tlang ho ya ka wona melokong yohle ya bona.

8. O fele o re ho bona: Ekare ha motho wa ntlo ya Iseraele, leha e le wa baditjhaba ba ikahetseng ho bona, a hlahisa setjheso, leha e le sehlabelo,

9. a sa ka a se tlisa monyako wa tente ya pokano ho se hlahisetsa Jehova, motho eo o tla tloswa hara setjhaba sa habo.

10. Ekare ha motho wa ntlo ya Iseraele, leha e le wa baditjhaba ba ikahetseng hara lona, a ka ja madi afe le afe, ke tla tjamela motho eo ya jang madi, ke mo tlose hara setjhaba sa habo.

11. Hobane moya wa nama o mading. Ke le neile wona aletareng, a tle a etsetse meya ya lona pheko, hobane ke ka baka la moya madi a ka etsang pheko.

12. Ke ka baka leo ke itseng ho bana ba Iseraele: Ho se be motho hara lona ya jang madi; le yena moditjhaba ya ikahetseng hara lona, a se ke a ja madi.

13. Ekare ha motho hara bana ba Iseraele, leha e le wa baditjhaba ba ikahetseng hara bona, a tshwara phoofolo tsholong, leha e le nonyana ya tse jewang, o tla tsholla madi a yona, a a kwahele ka mobu.

14. Hobane madi ke moya wa nama tsohle, madi a tsona ke wona moya wa tsona. Ke ka baka leo ke itseng ho bana ba Iseraele: Le ke ke la ja madi a nama efe le efe, hobane moya wa dinama tsohle ke madi a tsona; mang le mang ya tlang ho a ja, a tloswe.

15. Mang le mang hara ba tswaletsweng ha habo lona, leha e le moditjhaba, ya tlang ho ja ntho e shweleng, leha e le e harotsweng, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, a be sesila ho isa mantsiboya; e ntoo ba ya hlwekileng.

16. Ekare ha a sa hlatswe diaparo tsa hae, a sa hlatswe le mmele wa hae, o tla jara boima ba molato wa hae.