BIBELE e Halalelang

Levitike 16:24-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. o tla hlatswa mmele wa hae metsing, nqalong e halalelang, mme o tla boela a apare diaparo tsa hae. Hamorao, o tla tswa, a hlabe setjheso sa hae le setjheso sa setjhaba, a iketsetse pheko, a etsetse le setjhaba.

25. O tla tjhesa hodima aletare mafura a sehlabelo sa sebe.

26. Ya isitseng phooko ya Asasele, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme a hlatswe le mmele wa hae metsing, a ntoo kgutlela diahelong.

27. Pohwana ya sehlabelo sa sebe, le phooko ya sehlabelo sa sebe, tseo madi a tsona a isitsweng sehalalelong ho ba pheko, di tla thothelwa kantle ho diahelo, mme matlalo, le dinama, le meswang ya tsona di tla tjheswa ka mollo.

28. Ya di tjhesitseng o tla hlatswa diaparo tsa hae, a hlatswe le mmele wa hae metsing; a ntoo kgutlela diahelong.

29. Molao oo e tla ba o sa feleng ho lona, ke wona ona: Ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi la leshome la kgwedi, le tla hlomola dipelo tsa lona; le tla lesa mesebetsi yohle, kapa e leng ba tswaletsweng ha habo lona, kapa e leng ba jakileng hara lona.

30. Hobane ka letsatsi leo, le tla etsetswa pheko, le tle le hlatsuwe: le tla hlatsuwa dibe tsa lona tsohle pela Jehova.

31. E tla ba ho lona Sabatha, letsatsi la phomolo, mme le tla hlomola dipelo tsa lona. Ke molao o sa feleng.

32. Pheko e tla etswa ke moprista ya tlotsitsweng, ya beilweng ho etsa boprista bakeng sa ntatae, mme o tla apara diaparo tsa lene, diaparo tse kgethehileng.

33. O tla etsetsa sehalaledisiso se kgethehileng pheko; o tla etsetsa tente ya pokano le aletare pheko; o tla etsetsa le baprista le batho kaofela ba phutheho pheko.

34. Molao oo e tla ba o sa feleng ho lona, hore pheko e etsetswe bana ba Iseraele, hang ka ngwaha, ka baka la dibe tsa bona.Ha etswa seo Moshe a se laetsweng ke Jehova.