BIBELE e Halalelang

Levitike 16:16-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Ka mokgwa o jwalo, o tla etsetsa sehalalelo pheko, ka baka la ditshila tsa bana ba Iseraele, le la dibe tsohle tseo ba sitilweng ka tsona; o tla etsa jwalo le bakeng sa tente ya pokano e beilweng ho bona le hara tse sa hlwekang tsa bona.

17. Ho se ke ha eba motho tenteng ya pokano, ha a tla kena ho etsa pheko sehalalelong, a be a tswe; o tla iketsetsa jwalo pheko, a etsetse le ba ntlo ya hae, le phutheho yohle ya Iseraele.

18. Etlare ha a etswa, o tla ya aletareng e pela Jehova, mme o tla e etsetsa pheko ka ho nka madi a pohwana le madi a phooko, ao a tlang ho a bea manakeng a aletare ka nqa tsohle;

19. o tla foka aletare ka madi ao hasupa ka monwana wa hae, a e hlwekise, a e halaletse ka baka la tse sa hlwekang tsa bana ba Iseraele.