BIBELE e Halalelang

Levitike 14:41-48 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

41. Ho ntoo hopuwa ntlo kahare kahohle, mme ho tlositsweng leboteng le hopilweng ho tla tshollelwa kantle ho motse, nqalong e sesila.

42. Ho tla nkwa majwe a mang a tlang ho bewa bakeng sa majwe a pele, ho nkwe mobu o mong o dubilweng ho bateha ntlo.

43. Ekare ha letheba leo le boela le hlaha, mme le thopohela leboteng la ntlo, ha ho se ho qhebolotswe majwe, mme ha ho hopilwe lebota la ntlo ho bile ho batehilwe;

44. moprista o tla tla, mme ha a bona hoba letheba le thopohetse lebota la ntlo, ke lepera le fukutlang, le jang ntlo; ntlo eo e sesila.

45. Ntlo eo e tla heletswa, le majwe a yona, le difate tsa yona, le mabota a yona; ntho tseo kaofela di tla thothelwa kantle ho motse, nqalong e sesila.

46. Leha e ka ba mang le mang ya keneng ka tlung eo ka matsatsi ao e kwetsweng ka wona, o tla ba sesila ho isa mantsiboya.

47. E mong le e mong ya robetseng ka tlung eo, o tla hlatswa diaparo tsa hae; leha e ka ba mang le mang ya jetseng ka tlung eo, o tla hlatswa diaparo tsa hae.

48. Empa ekare ha moprista a kgutlela, mme a bona hoba letheba ha le a ka la thopohela leboteng la ntlo, ha e se e batehilwe, moprista o tla bolela hore e hlwekile, hobane letheba le fedile.