BIBELE e Halalelang

Levitike 14:35-46 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

35. monga ntlo o tla tla ho moprista ho mo tsebisa ka ho re: Ke lemohile ho kang letheba ka tlung ya ka.

36. Moprista ha a eso ho kene ho tadimisisa letheba leo, o tla laela hore ntlo eo e phahlwe, hore se ka tlung se se ke sa tshwaetswa ke sesila; jwale moprista o tla kena ho tadimisisa ntlo eo.

37. O tla tadimisisa letheba; ha a bona hoba le hlahisitse dikotjana maboteng a ntlo tse phobetsehileng leboteng, tse mmala o motalana, kapa o mofubetswana,

38. moprista o tla tswa tlung eo; etlare ha a le monyako wa ntlo, a o kwale ka matsatsi a supileng.

39. Moprista o tla kgutlela tlung eo ka la bosupa, mme ha a bona hobane letheba le namile maboteng a ntlo,

40. o tla laela hore ho qhebollwe majwe ao lefu le namathetseng ho wona, a lahlelwe kantle ho motse, nqalong e sesila.

41. Ho ntoo hopuwa ntlo kahare kahohle, mme ho tlositsweng leboteng le hopilweng ho tla tshollelwa kantle ho motse, nqalong e sesila.

42. Ho tla nkwa majwe a mang a tlang ho bewa bakeng sa majwe a pele, ho nkwe mobu o mong o dubilweng ho bateha ntlo.

43. Ekare ha letheba leo le boela le hlaha, mme le thopohela leboteng la ntlo, ha ho se ho qhebolotswe majwe, mme ha ho hopilwe lebota la ntlo ho bile ho batehilwe;

44. moprista o tla tla, mme ha a bona hoba letheba le thopohetse lebota la ntlo, ke lepera le fukutlang, le jang ntlo; ntlo eo e sesila.

45. Ntlo eo e tla heletswa, le majwe a yona, le difate tsa yona, le mabota a yona; ntho tseo kaofela di tla thothelwa kantle ho motse, nqalong e sesila.

46. Leha e ka ba mang le mang ya keneng ka tlung eo ka matsatsi ao e kwetsweng ka wona, o tla ba sesila ho isa mantsiboya.