BIBELE e Halalelang

Levitike 14:15-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Moprista o tla nka logeng ya ole, mme o tla tshela koting sa seatla sa hae se setshehadi;

16. moprista o tla qopetsa monwana wa hae wa letsoho le letona oleng eo a nang le yona seatleng sa hae se setshehadi, mme ka monwana wa hae o tla foka hasupa pela Jehova.

17. Ole e setseng seatleng sa hae, moprista o tla bea e nngwe lereteng la tsebe e tona ya motho ya hlatsuwang, le monwaneng o motona wa letsoho le letona la hae, le monwaneng o motona wa leoto le letona la hae, hodima madi a sehlabelo sa molato.

18. Se setseng sa ole e seatleng sa hae, moprista o tla se bea hodima hlooho ya motho ya itlhatswang, mme moprista o tla mo etsetsa pheko pela Jehova.

19. Moprista o tla hlahisa sehlabelo sa sebe, e be pheko ya eo e ka kgonang a hlatswehe sesila sa hae; kamora moo, a hlabe nku ya setjheso.

20. Moprista o tla tlisa setjheso aletareng, le nyehelo; moprista o tla mo etsetsa pheko, hore a tle a hlweke.

21. Empa ekare haele mofumanehi, mme a sitwa ho hlahisa ntho tseo, o tla nka konyana e tona e le nngwe, e be sehlabelo sa molato, mme o tla e hlahisa ka tsokotso, e be pheko ya hae; a tlise le karolo ya leshome ya efa ya lefi la phofo le dubilweng ka ole, e be nyehelo, le loge ya ole,

22. le maebanakgorwana a mabedi, leha e le madinyane a mabedi a maeba, kamoo a ka ntshang kateng, le leng e be sehlabelo sa sebe, le leng e be setjheso.

23. Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, o tla tlisa ntho tseo, tseo a itlhatswang ka tsona, ho moprista, monyako wa tente ya pokano, pela Jehova.

24. Moprista o tla nka konyana ya sehlabelo sa molato, le loge ya ole, tseo a tlang ho di hlahisa, e be kabelo e tsokotswang pela Jehova.

25. Moprista o tla hlaba konyana ya sehlabelo sa molato, mme o tla nka madi a mang a sehlabelo sa molato, a a bee lereteng la tsebe e tona ya motho ya itlhatswang, le monwaneng o motona wa letsoho la hae le letona, le monwaneng o motona wa leoto le letona la hae.

26. Moprista o tla tshela ole e nngwe koting sa seatla sa hae se setshehadi, sa hae moprista;