BIBELE e Halalelang

Levitike 14:11-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Moprista ya etsang hlatsuo, o tla hlahisa motho ya itlhatswang le dintho tseo pela Jehova, monyako wa tente ya pokano.

12. Moprista o tla nka e nngwe ya dikonyana tse tona, eo a tlang ho e hlahisa le loge ya ole, e be sehlabelo sa molato, mme o tla di tsokotsa, e be kabelo e tsokoditsweng pela Jehova.

13. O tla hlaba konyana e tona nqalong eo ho hlabelwang ho yona mahlabelo a sebe le ditjheso, nqalong e kgethehileng, hobane, jwalokaha ntho ya sehlabelo sa sebe e le ya moprista, ho jwalo le ntho ya sehlabelo sa molato; e halalela haholo.

14. Moprista o tla nka madi a mang a sehlabelo sa molato, o tla a bea lereteng la tsebe e tona ya motho ya itlhatswang, le monwaneng o motona wa letsoho le letona la hae, le monwaneng o motona wa leoto la hae le letona.

15. Moprista o tla nka logeng ya ole, mme o tla tshela koting sa seatla sa hae se setshehadi;

16. moprista o tla qopetsa monwana wa hae wa letsoho le letona oleng eo a nang le yona seatleng sa hae se setshehadi, mme ka monwana wa hae o tla foka hasupa pela Jehova.

17. Ole e setseng seatleng sa hae, moprista o tla bea e nngwe lereteng la tsebe e tona ya motho ya hlatsuwang, le monwaneng o motona wa letsoho le letona la hae, le monwaneng o motona wa leoto le letona la hae, hodima madi a sehlabelo sa molato.

18. Se setseng sa ole e seatleng sa hae, moprista o tla se bea hodima hlooho ya motho ya itlhatswang, mme moprista o tla mo etsetsa pheko pela Jehova.

19. Moprista o tla hlahisa sehlabelo sa sebe, e be pheko ya eo e ka kgonang a hlatswehe sesila sa hae; kamora moo, a hlabe nku ya setjheso.

20. Moprista o tla tlisa setjheso aletareng, le nyehelo; moprista o tla mo etsetsa pheko, hore a tle a hlweke.