BIBELE e Halalelang

Levitike 14:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova a bua le Moshe, a re:

2. Molao oo molepera a tlang ho ya ka wona ka letsatsi la ho itlhatswa ha hae, ke wona ona:

3. O tla tliswa ho moprista; moprista o tla tswela kantle ho diahelo, mme moprista o tla mo tadimisisa. Ha a bona hoba molepera o fodile bohlokong ba hae,

4. moprista o tla laela hore ya tshwanetseng ho itlhatswa, a tlisetswe dirobele di le pedi di sa utlwa, tse hlwekileng, le lehong la kedare, le krimsone, le hisopa.

5. Moprista o tla laela hore serobele se le seng se hlabelwe pitseng ya letsopa, e tshetseng metsi a molatswana.

6. Jwale o tla nka serobele se utlwang, le lehong la kedare, le krimsone, le hisopa, mme o tla di qopetsa hammoho le serobele se utlwang mading a serobele se hlabetsweng hodima metsi a molatswana;

7. o tla foka hasupa hodima motho ya itlhatswang lepera la hae, mme o tla re, o hlatswehile, a ntoo lesa serobele se sa utlwang se fofele nahathothe.

8. Ya itlhatswang a hlatswe diaparo tsa hae, a beole mohwete wa hae kaofela, a ntoo itlhatswa ka metsi, mme etlaba o hlwekile; ke hona a tla lokela ho boela a kgutlela diahelong; empa o tla tshwanela ho dula kantle ho tente ya hae ka matsatsi a supileng.

9. Ka letsatsi la bosupa, o tla beola mohwete wa hae kaofela; a beole sehlotho sa hae, le ditedu, le dintshi, mohwete wa hae kaofela; o tla hlatswa diaparo tsa hae, a hlatswe le mmele wa hae ka metsi; o tla hlweka jwalo.

10. Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, o tla tlisa dikonyana tse pedi tse tona, tse se nang sekodi, le nku e lemo se le seng, e se nang sekodi, le dikarolo tse tharo tsa boshome ba efa ya lefi la phofo le dubilweng ka ole, ho di etsa nyehelo, le loge ya ole e be teng.

11. Moprista ya etsang hlatsuo, o tla hlahisa motho ya itlhatswang le dintho tseo pela Jehova, monyako wa tente ya pokano.

12. Moprista o tla nka e nngwe ya dikonyana tse tona, eo a tlang ho e hlahisa le loge ya ole, e be sehlabelo sa molato, mme o tla di tsokotsa, e be kabelo e tsokoditsweng pela Jehova.

13. O tla hlaba konyana e tona nqalong eo ho hlabelwang ho yona mahlabelo a sebe le ditjheso, nqalong e kgethehileng, hobane, jwalokaha ntho ya sehlabelo sa sebe e le ya moprista, ho jwalo le ntho ya sehlabelo sa molato; e halalela haholo.