BIBELE e Halalelang

Levitike 13:44-59 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

44. ke molepera, o na le sesila; moprista a ke ke a lesa ho mmolela hore o sesila; leqeba la hae le hloohong.

45. Jwale, motho ya jewang ke lepera, e ka kgona diaparo tsa hae di haholwe, hlooho ya hae e beolwe, a itshirele ditedu, a howe: Sesila! sesila!

46. O tla ba le sesila mehleng yohle eo a nang le bohloko boo; o sesila, mme o tla aha a nnotshi: boaho ba hae bo tla ba kantle ho diahelo.

47. Ekare ha letheba la lepera le le seaparong, leha e le seaparong sa boya ba nku,

48. kapa seaparong sa lene, kapa ho sa ditshwele tse otlolohileng, kapa tse tshekaletseng, e le tsa lene, kapa tsa boya, kapa letlalong, leha e le mosebetsing o entsweng ka letlalo,

49. mme ha letheba le le letalana, kapa le le lefubetswana, le hlahile seaparong, leha e le letlalong, ditshweleng tse otlolohileng, kapa ho tse tshekaletseng, kapa mosebetsing o mong o entsweng ka letlalo, ke letheba la lepera; le tla bontshwa moprista.

50. Moprista o tla tadimisisa letheba leo, a kwalle ka matsatsi a supileng seo letheba le leng ho sona.

51. Ka la bosupa, ekare ha moprista a bona hoba letheba le kekile seaparong, ditshweleng tse otlolohileng, kapa ho tse tshekaletseng, kapa letlalong, leha e le mosebetsing o mong o entsweng ka letlalo, ke letheba la lepera le topetseng; se jewang ke lona se sesila.

52. Ho tla tjheswa seaparo seo, kapa ditshwele tse otlolohileng, kapa tse tshekaletseng tsa lene, kapa tsa boya, leha e le mosebetsi ofe le ofe wa letlalo o nang le letheba, etswe e le lepera le topetseng; e ka kgona o tjheswe ka mollo.

53. Empa ha moprista a bona hoba letheba ha le a ka la keka seaparong, le ditshweleng tse otlolohileng, kapa ho tse tshekaletseng, kapa mosebetsing ofe le ofe wa letlalo,

54. moprista o tla laela hore ho hlatsuwe seo letheba le leng ho sona, mme moprista o tla se kwalla la bobedi ka matsatsi a supileng.

55. Etlare hobane se nang le letheba se hlatsuwe, moprista o tla se tadimisisa; ha a bona hoba letheba ha le a ka la fetoha mmala, le hobane ha le a ka la keka, se ntse se le ditshila, mme se tla tjheswa ka mollo: ke phureho ka lehlonong la sona, leha e le ka bophumulehong ba sona.

56. Empa etlare hobane letheba le hlatsuwe, moprista ha a le tadimisisa, mme a bona hoba le sobane, o tla le hahola, le tlohe seaparong, kapa letlalong, kapa ditshweleng tse otlolohileng, kapa ho tse tshekaletseng.

57. Ha letheba le ka boela la hlaha seaparong, kapa ditshweleng tse otlolohileng, kapa ho tse tshekaletseng, leha e le mosebetsing ofe le ofe o entsweng ka letlalo, ke lekgopho la lepera; seo le leng ho sona se tla tjheswa ka mollo.

58. Empa seaparo, kapa ditshwele tse otlolohileng, kapa tse tshekaletseng, leha e le mosebetsi ofe le ofe wa letlalo o hlatswitsweng moo letheba le hlakohileng, o tla hlatsuwa la bobedi, mme o tla hlweka.

59. Ke wona molao bakeng se letheba la lepera diaparong tsa boya, kapa tsa lene, leha e le ditshweleng tse otlolohileng, kapa ho tse tshekaletseng, leha e le mosebetsing ofe le ofe o entsweng ka letlalo, ho tle ho bolelwe ka wona ha ntho e hlwekile, leha e sa hlweka.