BIBELE e Halalelang

Levitike 13:37-51 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

37. Empa ha setshwa se ntse se dutse bodulong ba sona, mme mohwete o motsho o medile ho sona, setshwa se fodile; o hlwekile, mme moprista o tla mmolela hore o hlwekile.

38. Ekare ha monna, kapa mosadi, a ena le matheba letlalong la mmele wa hae, e le matheba a masweu,

39. mme moprista ha tadimisisa, a fihlela hore matheba a letlalong la mmele wa hae a bosweu bo fifetseng, ke matheba feela a itlhahetseng letlalong; o hlwekile.

40. Ekare ha hlooho ya motho e phumuhile, ke lefatla: o hlwekile.

41. Ekare ha a phumuhile ka phatleng, ke lekulo, o hlwekile.

42. Empa ekare ha lephotong le boreledi la hae, leha e le phatleng e kulehileng ya hae, letheba le bosweu bo bofubetswana le le teng, ke lekgopho la lepera lephotong la hae le boreledi, leha e le phatleng ya hae e kulehileng.

43. Moprista o tla mo tadimisisa, mme ha a fihlela hoba letheba ke lekgopho le bosweu bo bofubetswana lephotong le boreledi la hae, kapa phatleng ya hae e kulehileng, le tshwanang le lepera le letlalong la mmele,

44. ke molepera, o na le sesila; moprista a ke ke a lesa ho mmolela hore o sesila; leqeba la hae le hloohong.

45. Jwale, motho ya jewang ke lepera, e ka kgona diaparo tsa hae di haholwe, hlooho ya hae e beolwe, a itshirele ditedu, a howe: Sesila! sesila!

46. O tla ba le sesila mehleng yohle eo a nang le bohloko boo; o sesila, mme o tla aha a nnotshi: boaho ba hae bo tla ba kantle ho diahelo.

47. Ekare ha letheba la lepera le le seaparong, leha e le seaparong sa boya ba nku,

48. kapa seaparong sa lene, kapa ho sa ditshwele tse otlolohileng, kapa tse tshekaletseng, e le tsa lene, kapa tsa boya, kapa letlalong, leha e le mosebetsing o entsweng ka letlalo,

49. mme ha letheba le le letalana, kapa le le lefubetswana, le hlahile seaparong, leha e le letlalong, ditshweleng tse otlolohileng, kapa ho tse tshekaletseng, kapa mosebetsing o mong o entsweng ka letlalo, ke letheba la lepera; le tla bontshwa moprista.

50. Moprista o tla tadimisisa letheba leo, a kwalle ka matsatsi a supileng seo letheba le leng ho sona.

51. Ka la bosupa, ekare ha moprista a bona hoba letheba le kekile seaparong, ditshweleng tse otlolohileng, kapa ho tse tshekaletseng, kapa letlalong, leha e le mosebetsing o mong o entsweng ka letlalo, ke letheba la lepera le topetseng; se jewang ke lona se sesila.