BIBELE e Halalelang

Levitike 13:29-45 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

29. Ekare ha monna, kapa mosadi, a ena le setshwa hloohong, leha e le ditedung, moprista o tla tadimisisa setshwa seo;

30. ha a bona hoba se phobetse ho feta letlalo, mme mohwete o mosehlana o mosesane o le teng, moprista o tla mmolela hore o sesila; ke setshwa; ke lepera la hlooho, leha e le la ditedu.

31. Ekare ha moprista a tadimisisa bohloko ba setshwa, mme ha a lemoha hoba ha ho sephobe se phobetseng ho feta letlalo, empa mohwete o motsho o le siyo teng, moprista o tla kwalla motho eo ya jewang ke setshwa ka matsatsi a supileng.

32. Moprista o tla tadimisisa bohloko boo ka letsatsi la bosupa; ha a fumana hoba setshwa ha se a ka sa keka, mme ha ho mohwete o mosehlana, le hoba setshwa ha se a ka sa hlahisa sephobe se phobetseng ho feta letlalo,

33. mobabi o tla ipeola, empa a se ke a beola moo setshwa se leng teng; moprista o tla kwalla la bobedi motho ya jewang ke setshwa ka matsatsi a supileng.

34. Moprista o tla tadimisisa setshwa ka letsatsi la bosupa, mme ekare ha a fihlela hoba ha se a ka sa keka letlalong, ho sa bonahale hore se phobetse ho feta letlalo, moprista o tla mmolela hore o hlwekile; o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme o tla hlweka.

35. Empa etlare hobane a bolelwe hoba o hlwekile, setshwa ha se kekile letlalong, moprista o tla tadima,

36. mme ha a fihlela hore setshwa se kekile letlalong, moprista ha a sa na ho batlisisa mohwete o mosehlana, o sesila.

37. Empa ha setshwa se ntse se dutse bodulong ba sona, mme mohwete o motsho o medile ho sona, setshwa se fodile; o hlwekile, mme moprista o tla mmolela hore o hlwekile.

38. Ekare ha monna, kapa mosadi, a ena le matheba letlalong la mmele wa hae, e le matheba a masweu,

39. mme moprista ha tadimisisa, a fihlela hore matheba a letlalong la mmele wa hae a bosweu bo fifetseng, ke matheba feela a itlhahetseng letlalong; o hlwekile.

40. Ekare ha hlooho ya motho e phumuhile, ke lefatla: o hlwekile.

41. Ekare ha a phumuhile ka phatleng, ke lekulo, o hlwekile.

42. Empa ekare ha lephotong le boreledi la hae, leha e le phatleng e kulehileng ya hae, letheba le bosweu bo bofubetswana le le teng, ke lekgopho la lepera lephotong la hae le boreledi, leha e le phatleng ya hae e kulehileng.

43. Moprista o tla mo tadimisisa, mme ha a fihlela hoba letheba ke lekgopho le bosweu bo bofubetswana lephotong le boreledi la hae, kapa phatleng ya hae e kulehileng, le tshwanang le lepera le letlalong la mmele,

44. ke molepera, o na le sesila; moprista a ke ke a lesa ho mmolela hore o sesila; leqeba la hae le hloohong.

45. Jwale, motho ya jewang ke lepera, e ka kgona diaparo tsa hae di haholwe, hlooho ya hae e beolwe, a itshirele ditedu, a howe: Sesila! sesila!