BIBELE e Halalelang

Levitike 13:21-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Etlare ha moprista a tadima, mme a bona ho se mohwete o sweufetseng, ho se le sephobe se phobetseng ho feta letlalo, empa se bonahala eka se sobane, moprista o tla mo kwalla tlung ka matsatsi a supileng.

22. Ekare ha se kekile letlalong, moprista o tla mmolela hore o sesila; ke bohloko ba lepera.

23. Empa ha letheba le ntse le dutse bodulong ba lona, le sa ka la keka, ke leqeba la seso; moprista o tla mmolela hore o hlwekile.

24. Ekare ha motho a ena le lebadi la ho tjha letlalong la mmele wa hae, mme ho hlaha lebading leo letheba le lesweu, kapa le bosweu bo bofubetswana, moprista o tla le tadimisisa.

25. Ha mohwete o lethebeng o sweufetse, mme letheba le phobetse ho feta letlalo, ke lepera le hlahileng lebading la ho tjha; moprista o tla bolela motho eo hoba o sesila; ke bohloko ba lepera.

26. Empa moprista ha a bona hoba mohwete ha o a ka wa fetoha wa eba mosweu lethebeng, mme le sa ka la phobela ho feta letlalo, le hoba le boetse bosweung, moprista o tla mo kwalla tlung ka matsatsi a supileng.

27. Etlare hobane moprista a mo tadimisisa ka letsatsi la bosupa, ekare ha bohloko bo kekile letlalong, moprista o tla mmolela hore o sesila; ke bohloko ba lepera.

28. Empa ekare ha letheba le ntse le dutse bodulong ba lona, le sa ka la keka letlalong, le sobane feela, ke lebadi la ho tjha; moprista o tla mmolela hore o hlwekile, hobane ke lebadi la ho tjha.

29. Ekare ha monna, kapa mosadi, a ena le setshwa hloohong, leha e le ditedung, moprista o tla tadimisisa setshwa seo;

30. ha a bona hoba se phobetse ho feta letlalo, mme mohwete o mosehlana o mosesane o le teng, moprista o tla mmolela hore o sesila; ke setshwa; ke lepera la hlooho, leha e le la ditedu.

31. Ekare ha moprista a tadimisisa bohloko ba setshwa, mme ha a lemoha hoba ha ho sephobe se phobetseng ho feta letlalo, empa mohwete o motsho o le siyo teng, moprista o tla kwalla motho eo ya jewang ke setshwa ka matsatsi a supileng.