BIBELE e Halalelang

Levitike 13:17-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. moprista o tla mo tadimisisa, mme ha nama eo e boetse e sweufetse, moprista o tla bolela hore mobabi o hlwekile; o fela a hlwekile.

18. Ekare ha seso se hlahile letlalong la nama ya motho, se ba se fola,

19. mme ho hlaha kokobalo e tshweu bakeng sa sona, kapa letheba le bosweu bo bofubetswana, mobabi o tla tshwanela ho itlhahisa ho moprista.

20. Moprista o tla se tadima, mme ha a bona hoba se phobetse ho feta letlalo, le mohwete o ho sona o sweufetse, moprista o tla mmolela hore o sesila; ke sephobe sa lepera le hlahileng kahara seso.

21. Etlare ha moprista a tadima, mme a bona ho se mohwete o sweufetseng, ho se le sephobe se phobetseng ho feta letlalo, empa se bonahala eka se sobane, moprista o tla mo kwalla tlung ka matsatsi a supileng.

22. Ekare ha se kekile letlalong, moprista o tla mmolela hore o sesila; ke bohloko ba lepera.

23. Empa ha letheba le ntse le dutse bodulong ba lona, le sa ka la keka, ke leqeba la seso; moprista o tla mmolela hore o hlwekile.

24. Ekare ha motho a ena le lebadi la ho tjha letlalong la mmele wa hae, mme ho hlaha lebading leo letheba le lesweu, kapa le bosweu bo bofubetswana, moprista o tla le tadimisisa.

25. Ha mohwete o lethebeng o sweufetse, mme letheba le phobetse ho feta letlalo, ke lepera le hlahileng lebading la ho tjha; moprista o tla bolela motho eo hoba o sesila; ke bohloko ba lepera.

26. Empa moprista ha a bona hoba mohwete ha o a ka wa fetoha wa eba mosweu lethebeng, mme le sa ka la phobela ho feta letlalo, le hoba le boetse bosweung, moprista o tla mo kwalla tlung ka matsatsi a supileng.

27. Etlare hobane moprista a mo tadimisisa ka letsatsi la bosupa, ekare ha bohloko bo kekile letlalong, moprista o tla mmolela hore o sesila; ke bohloko ba lepera.

28. Empa ekare ha letheba le ntse le dutse bodulong ba lona, le sa ka la keka letlalong, le sobane feela, ke lebadi la ho tjha; moprista o tla mmolela hore o hlwekile, hobane ke lebadi la ho tjha.