BIBELE e Halalelang

Levitike 11:9-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Haele tse utlwang tse ka metsing, tseo le ka di jang, ke kaofela ha tse nang le maphewana a ho hlapa le makgakgapha; tse jwalo tse ka metsing, le mawatleng, le dinokeng, e tla ba dijo ho lona;

10. empa tsohle tse se nang maphewana a ho hlapa le makgakgapha, tse ka mawatleng le dinokeng, leha e le tsohle tse nyekenyehang metsing, le tse utlwang tse phelang ka metsing, di tla ba manyala ho lona.

11. E hle e be manyala ho lona. Le se ke la ja nama ya tsona; le ditopo tse shweleng tsa tsona e ke e be manyala ho lona.

12. Tsohle tse ka metsing, tse se nang maphewana a ho hlapa le makgakgapha, e tla ba manyala ho lona.

13. Haele dinonyana tseo le tla re ke manyala, tse se nang ho jewa, tse tlang ho ba manyala ho lona, ke tsena: Ntsu, le seodi, le ntsu ya lewatle;

14. letlaka, le nkgodi, ka mefuta ya tsona;

15. mefuta yohle ya makgwaba;

16. mpshe, kgohwadira, letlakapipi, le phakwe ka mefuta ya tsona;

17. sephooko, seinodi, lengangane;

18. lehalanyane, moholodi, kokolofitwe,

19. mokotatsie, masianoke, ka mefuta ya tsona, le lehehemu, le mmankgane.

20. Diphoofotswanyana tsohle tse rurang, tse tsamayang ka maoto a mane, e tla ba manyala ho lona.

21. Diphoofotswanyana tse rurang, tse tsamayang ka maoto a mane, tseo le ka di jang, ke tsona feela tse nang le menoto maotong a tsona ya ho qotoma hodima lefatshe.

22. Tseo le ka di jang, ke tsie ka mefuta ya yona, le seongwane ka mefuta ya sona, le marutle ka mefuta ya wona, le bookgolane ka mefuta ya bona.