BIBELE e Halalelang

Levitike 11:36-47 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

36. Haele mehlodi ya didiba le mamena ao bokellwang metsi ho wona, ke tsona feela tse sa tlong ho ba ditshila; empa leha e ka ba mang ya tlang ho ama ditopo tse didibeng tseo, o tla welwa ke sesila.

37. Ekare ha ntho e nngwe ya ditopo tsa tsona e wetse hodima dipeo tse seng di tla jalwa, di ke se ke tsa lesa ho hlweka;

38. empa dipeo tseo ha di ka kolobiswa, mme ntho e nngwe ya ditopo tsa ntho tseo e ka wela hodima tsona, e tla ba sesila ho lona.

39. Ha ho ka shwa phoofolo e nngwe ya tseo le ka di jang, motho ya tlang ho ama setopo sa yona, o tla ba sesila ho isa mantsiboya.

40. Ya ka jang nama ya setopo sa yona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a be sesila ho isa mantsiboya; ya tlang ho jara setopo sa yona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a be sesila ho isa mantsiboya.

41. Tsohle tse hahabang fatshe e tla ba manyala ho lona; le ke ke la di etsa dijo.

42. Haele tse hahabang fatshe, tse kunyapang, le tse kgasang ka maoto a mane, leha a ka ba mangata, e ke ke ya eba dijo ho lona; di ditshila.

43. Le se ke la itshela ditshila mmeleng ya lona ka dihahabi tsohle tseo tse hahabang, mme le se ke la itshilafatsa ka ho ama manyala a tsona;

44. hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona; le tshwanetse ho ikgetha, le be le halalele, hobane ke a halalela; ka baka lena, le tse ke la tshela mmele ya lona ditshila ka tse hahabang fatshe.

45. Hobane ke nna Jehova ya le nyolotseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona. Halalelang ke hona, hobane ke a halalela.

46. Ke wona molao o beilweng hodima diphoofolo le dinonyana, le tse utlwang kaofela, tse nyekenyehang metsing, le tse hahabang lefatsheng kaofela,

47. oo le tlang ho rutwa ka wona ho kgetha se hlwekileng le se sa hlwekang, phoofolo e jewang le e sa jeweng.