BIBELE e Halalelang

Levitike 11:23-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. Empa diphoofotswanyana tse ding tse rurang kaofela, tse maoto a mane, e tla ba manyala ho lona, di tla ba ditshila ho lona.

24. E mong le e mong ya tlang ho ama ditopo tse shweleng tsa tsona, o tla ba sesila ho isa mantsiboya;

25. e mong le e mong ya jereng setopo se shweleng sa tsona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme a be sesila ho isa mantsiboya.

26. Phoofolo tsohle tse tlhako tse arohaneng, tseo dikgola tsa tsona di seng pedi, tse sa busoloseng, di tla ba ditshila ho lona; e mong le e mong ya di amang, o tla ba sesila.

27. Tsohle tse maoto a mane, tse tsamayang ka maro a tsona, di tla ba sesila ho lona; e mong le e mong ya amang ditopo tse shweleng tsa tsona, o tla ba sesila ho isa mantsiboya.

28. Ya tlang ho jara ditopo tse shweleng tsa tsona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme o tla ba sesila ho isa mantsiboya. Di tla ba sesila ho lona.

29. Haele diphoofotswanyana tse nyekenyehang lefatsheng, tseo le tla di tadima hore di ditshila, ke kgwiti, le tweba, le bommampharwane ka mefuta ya bona;

30. le hlong, le sehoho, le lekgala, le kgofu, le lenwabo.

31. Tseo e tla ba ditshila ho lona hara tsohle tse nyekenyehang; e mong le e mong ya tlang ho di ama ha di shwele, o tla ba sesila ho isa mantsiboya.

32. Ntho efe le efe eo ditopo tsa tsona di wetseng hodima yona, e tla ba sesila, leha e ka ba ntho efe le efe ya lehong, leha e le seaparo, kapa letlalo, kapa mokotla, kapa ntho efe le efe eo ho sebetswang eng le eng ka yona; e tla inwa metsing, mme e tla ba sesila ho isa mantsiboya, mme kamora moo, e tla ba e hlwekile.

33. Pitsa efe le efe ya letsopa eo ho welang ho hong ha tsona ho yona, e tla ba sesila, le tsohle tse ka teng di tla ba sesila le tsona, mme le tla thuha pitsa eo.

34. Dijo tsohle tse jewang tseo metsi a ntho tseo tse shweleng a tsholohetseng hodima tsona, di tla ba ditshila, hammoho le tse nowang kaofela, leha di le pitseng efe le efe, di tla ba ditshila.

35. Ntho efe le efe eo ho wetseng ntho e nngwe ya ditopo tsa tsona hodima yona, e tla ba sesila; sebopi le leifo di tla thuhakanngwa, hobane di le ditshila, mme le ho lona di tla ba ditshila.

36. Haele mehlodi ya didiba le mamena ao bokellwang metsi ho wona, ke tsona feela tse sa tlong ho ba ditshila; empa leha e ka ba mang ya tlang ho ama ditopo tse didibeng tseo, o tla welwa ke sesila.

37. Ekare ha ntho e nngwe ya ditopo tsa tsona e wetse hodima dipeo tse seng di tla jalwa, di ke se ke tsa lesa ho hlweka;