BIBELE e Halalelang

Levitike 10:8-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Jehova a bua le Aarone, a re:

9. O se ke wa nwa veine, leha e le jwala, wena, leha e le bara ba hao, bao o nang le bona, ha le se le tla kena tenteng ya pokano, hore le tle le se ke la shwa. Ke taelo ya kamehla melokong ya lona yohle e tlang ho tla,

10. hore le tle le tsebe ho lemoha se kgethehileng, le se sa kgethehang, le se sa hlwekang, le se hlwekileng;

11. le ho ruta bana ba Iseraele melao yohle eo Jehova a ba laetseng yona ka molomo wa Moshe.

12. Moshe a re ho Aarone le ho Eleasare le Ithamare, bara ba hae ba babedi ba pholohileng: Nkang nyehelo e setseng ya mahlabelo a tjheseditsweng Jehova, mme le e je e sa lomoswa, kathoko ho aletare; hobane e halalela haholo.

13. Le tla e jela nqalong e kgethehileng, hoba e le kabelo ya hao, le kabelo ya bara ba hao mahlabelong a tjhesetswang Jehova, hobane ke laetswe jwalo.

14. Haele sefuba se tsokoditsweng, le letsoho le emisitsweng, le tla di jela nqalong e hlwekileng, wena le bara ba hao, le baradi ba hao hammoho le wena; hobane di neilwe lona, e le kabelo ya hao, le kabelo ya bara ba hao mahlabelong a teboho a bana ba Iseraele.

15. Kantle ho mahlabelo a tjheswang a mafura, ba tla tlisa letsoho le emiswang le sefuba se tsokotswang, di tle di hlahiswe ka tsokotso pela Jehova; e tla ba tsa hao le tsa bara ba hao, ka taelo ya kamehla, kamoo Jehova a laetseng kateng.

16. Moshe a botsa phooko ya sehlabelo sa sebe; empa a fumana hobane ba e tjhesitse.

17. Yaba o halefela Eleasare le Ithamare, bara ba Aarone ba pholohileng, a re: Ha le a ka la ja keng phooko ya sehlabelo sa sebe nqalong e halalelang? athe ke ntho e halalelang haholo; Jehova o le neile yona, hore le tle le tlose sebe sa phutheho, mme le e etsetse pheko ka yona pela Jehova.

18. Bonang, esita le madi a yona ha a ka a tliswa kahare ho sehalalelo; athe le ka be le jele sehlabelo seo sehalalelong, kamoo ke laetseng kateng.

19. Yaba Aarone o re ho Moshe: Bona, kajeno ba hlahisitse sehlabelo sa bona sa sebe le setjheso sa bona pela Jehova, mme haele moo ke hlahetswe ke taba tse itseng, na kajeno ke be nka ja jwang sehlabelo sa sebe? Na e ne e tla ba ntho e ntle mahlong a Jehova na?

20. Ha Moshe a utlwa hoo, a ba kgotso.