BIBELE e Halalelang

Levitike 10:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Nadabe le Abihu, bara ba Aarone, ba nka e mong le e mong pitsana ya ho tjhesa dibano, ba okga mollo ka tsona, ba ntoo di tshela ka dibano, mme ba hlahisa pela Jehova mollo osele, e le seo a sa kang a ba laela sona.

2. Yaba mollo o tswa pela Jehova, wa ba tjhesa; mme ba eshwa pela Jehova.

3. Moshe a re ho Aarone: Ke seo Jehova a na beng a se boletse, a re: Ke tla halaletswa ka ba emang pela ka, mme ke tla hodiswa mahlong a setjhaba kaofela.

4. Aarone a kgutsa. Moshe a bitsa Mishaele le Eltsafane, bara ba Usiele, rangwana Aarone, a re ho bona: Atamelang, mme le jarele banababo lona hole le sehalalelo, kantle ho diahelo.

5. Ba atamela, ba ba jarela kantle ho diahelo, ka dikojwana tsa bona, kamoo Moshe a laetseng kateng.

6. Moshe a re ho Aarone le ho Eleasare le Ithamare, bara ba hae: Le se ke la rola hloohong tsa lona, le se ke la hahola diaparo tsa lona, hore le tle le se ke la shwa, mme Jehova a tle a se ke a halefela phutheho kaofela; lesang banababo lona, ba ntlo ya Iseraele kaofela, ba lle hodima tjheso e kgolo e tukisitsweng ke Jehova.