BIBELE e Halalelang

Levitike 1:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova a bitsa Moshe, a bua le yena a le tenteng ya pokano, a re:

2. Bolela bana ba Iseraele, o re ho bona:Ekare ha motho hara lona a rata ho hlahisetsa Jehova sehlabelo, e tla ba sehlabelo kapa sa kgomo kapa sa tse kgutshwane.

3. Ha sehlabelo sa hae e le setjheso sa kgomo, a hlahise e tona e se nang sekodi, a e hlahise monyako wa tente ya pokano, a tle a amohelwe ke Jehova.

4. O tla bea letsoho la hae hloohong ya setjheso se tla amohelwa ke Jehova, hore a etsetswe pheko ka sona.

5. A ntoo hlaba pohwana eo pela Jehova, mme baprista, e leng bara ba Aarone, ba tla hlahisa madi, ba a tshollele kahohle aletareng e monyako wa tente ya pokano.

6. O tla buha poha ya setjheso, a e tshele ditho.

7. Bara ba moprista Aarone ba tla bea mollo hodima aletare, ba lokise patsi hodima mollo.

8. Bara ba Aarone, baprista, ba tla lokisa ditho tseo, hlooho le mafura, hodima patsi e beilweng hodima mollo o aletareng.

9. Empa diteng le ditlhako, o tla di hlatswa ka metsi; moprista o tla tjhesa ntho tseo kaofela aletareng: ke setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.

10. Sehlabelo sa hae haele setjheso sa dikgutshwane, sa dinku, kapa sa dipodi, o tla ntsha e tona, e se nang sekodi.