BIBELE e Halalelang

Johanne 1:40-52 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

40. A re ho bona: Tlong, le bone. Yaba ba ya, ba bona moo a dutseng teng, mme ba hlola letsatsi leo le yena; e ne e batla ho ba hora ya leshome.

41. Andrease, ngwanabo Simone Petrose, e ne e le e mong wa ba babedi bao ba utlwileng Johanne ha a bolela, mme ba latela Jesu.

42. Yena a fumana pele Simone, ngwanabo ka sebele; a re ho yena: Re bone Messia — ke ho re, Kreste, ha ho fetolwa.

43. A mo isa ho Jesu. Jesu ha a mo tadima, a re: O Simone, mora Jona: o tla bitswa Kefase — ke ho re, Petrose, ha ho fetolwa.

44. Ka hosasane, Jesu a rata ho ya Galilea, mme a fihlela Filipi; a re ho yena: Ntatele!

45. Athe Filipi eo e ne e le motho wa Bethsaida, motse wa habo Andrease le Petrose.

46. Filipi a fihlela Nathanaele, a re ho yena: Re fumane eo Moshe a ngodileng taba tsa hae molaong, le baporofeta ba di ngodile; ke Jesu wa Nasaretha, mora Josefa.

47. Nathanaele a re ho yena: Na ntho e molemo e ka tswa Nasaretha na? Filipi a re ho yena: Tloo, o bone.

48. Jesu a bona Nathanaele a etla ho yena, a mmolela, a re: Bonang Moiseraele wa sebele, eo ho seng mano ho yena.

49. Nathanaele a re ho yena: O ntsebela kae? Jesu a araba, a re ho yena: Ke o bone, Filipi a eso ho o bitse, o le tlasa sefate sa feiye.

50. Nathanaele a araba, a re ho yena: Rabbi, o Mora wa Modimo, o morena wa Iseraele!

51. Jesu a araba, a re ho yena: O dumela kahobane ke o boleletse hore ke o bone tlasa sefate sa feiye; o tla bona tse kgolo ho tseo.

52. A ba a re ho yena: Kannetenete ke re ho lona: Ho qala jwale, le ya nne le bone lehodimo le phetlilwe, le mangeloi a Modimo a nyoloha, a ba a theohela hodima Mora motho.