BIBELE e Halalelang

Johanne 1:25-41 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

25. Ba boela ba mmotsa, ba re ho yena: Ha o se Kreste, o se Elia, o se moporofeta eo, ke ka baka lang ha o kolobetsa na?

26. Johanne a ba araba, a re: Haele nna, ke kolobetsa ka metsi; empa e mong o teng hara lona, eo le sa mo tsebeng;

27. ke yena ya tlang kamorao ho nna, ya bileng teng pele ho nna, eo ke sa lokelang ho lokolla leqhwele la seeta sa hae.

28. Taba tseo di etsahetse Bethania, mose wa Jordane, moo Johanne a neng a kolobetsa teng.

29. Ka hosasane, Johanne a bona Jesu a etla ho yena, mme a re: Bonang, ke Konyana ya Modimo e tlosang dibe tsa lefatshe.

30. Ke enwa eo ke mmoletseng, ka re: Kamorao ho nna ho tla monna ya bileng teng pele ho nna, kahobane a ne a le pele ho nna.

31. Le nna ke ne ke sa mo tsebe; empa ke tlile ho kolobetsa ka metsi, a tle a bonahatswe ho Iseraele.

32. Johanne a paka, a re: Ke bone Moya o theoha lehodimong, o kang leeba, wa ba wa dula hodima hae.

33. Le nna ke ne ke sa mo tsebe; empa ya nthomileng ho kolobetsa ka metsi, ke yena ya neng a mpoleletse, a re: Eo o tla bona Moya o theohela ho yena, mme o dula hodima hae, ke yena ya kolobetsang ka Moya o Halalelang.

34. Le nna ke bone, mme ke pakile hore enwa ke Mora Modimo.

35. Ka hosasane, Johanne o ne a eme teng hape hammoho le barutuwa ba hae ba le babedi.

36. A tadima Jesu a feta, a re: Bonang, ke Konyana ya Modimo.

37. Barutuwa ba babedi bao ba mo utlwa a rialo, ba ba ba latela Jesu.

38. Jesu eitse ha a reteleha, mme a ba bona ba mo latela, a re ho bona:

39. Le batlang? Ba re ho yena: Rabbi, — ke ho re, moruti, ha ho fetolwa — o dutse kae?

40. A re ho bona: Tlong, le bone. Yaba ba ya, ba bona moo a dutseng teng, mme ba hlola letsatsi leo le yena; e ne e batla ho ba hora ya leshome.

41. Andrease, ngwanabo Simone Petrose, e ne e le e mong wa ba babedi bao ba utlwileng Johanne ha a bolela, mme ba latela Jesu.