BIBELE e Halalelang

Johanne 1:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Lentswe le ne le le tshimolohong, mme Lentswe le ne le le ho Modimo, mme Lentswe e ne e le Modimo.

2. Le ne le le ho Modimo tshimolohong.

3. Dintho tsohle di entswe ke lona, mme hara dintho tse leng teng, ha ho letho le entsweng kantle ho lona.

4. Bophelo bo ne bo le ho lona, mme bophelo e ne e le lesedi la batho.

5. Mme lesedi le kganya lefifing, mme lefifi ha le a ka la le amohela.

6. Monna a hlaha, a romilwe ke Modimo, lebitso la hae e le Johanne.

7. Eo a tla ho ba paki, hore a pake tsa lesedi, bohle ba tle ba dumele ka yena.

8. E ne e se yena lesedi, empa o ne a romilwe hore a tle ho paka tsa lesedi.

9. E ne e le lona lesedi la nnete, le bonesetsang motho e mong le e mong ya hlahang lefatsheng.

10. Le ne le le lefatsheng, mme lefatshe le hlahile ka lona, mme lefatshe ha le a ka la le tseba.

11. Le ne le tle habo lona, mme ba habo lona ha ba ka ba le amohela.

12. Empa bohle ba le amohetseng, le ba neile tokelo ya ho ba bana ba Modimo, e leng ba dumelang lebitso la lona;