BIBELE e Halalelang

Jobo 9:19-35 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Ha nka ipiletsa matleng, o re: Ke nna ya matla; kapa ho lokeng, o re: Ke mang ya tlang ho mpiletsa nyeweng?

20. Leha ekaba taba ya ka e lokile, molomo wa ka o tshwanela ho ntswa; ha ekaba ha ke na molato, o tla mpona ke le molotsana.

21. Ho ba le molato, ha ke na wona; ha ke itlhokomele; bophelo ba ka ha ke re letho ka bona.

22. Ho na le taba e le nngwe feela eo ke e tiisang, ke re: O senya ya se nang molato le ya nang le molato.

23. Hoja lerumo le ka hla la bolaya hang! Empa o tsheha bohloko ba ya se nang molato.

24. Lefatshe le neelwa matsohong a ba babe; o sirela mahlo a baahlodi ba lona. Haese wona o etsang hoo, hleka e ka ba mang na?

25. Matsatsi a ka a ikela kapele ho fetisa ya lebelo; a baleha a eso ho bone leseho:

26. a tata jwaloka dikepana tsa lehlaka, jwaloka ntsu e hlwibilang phoofotswana ya yona.

27. Ha ke re, ke tla lebala bodumadumo ba ka, ke lese ho sosobana, ke ele sefahleho;

28. eba ke tshoswa ke mahloko a ka kaofela, ke ntse ke tseba hoba o ke ke wa mpea ya se nang molato.

29. Erekaha ke le molato, ke sa ikgathalletsang lefeela?

30. Leha nka itlhatswa metsing a lehlwa, kapa ka hlapa matsoho metsing a melora,

31. leha ho le jwalo o ntshobunya diretseng, mme nka tenwa le ke dikobo tsa ka.

32. Hobane hase motho ya jwaloka nna hore ke fetolane le wona, mme re isane kahlolong le wona.

33. Ha ho monamodi hara rona, ya ka re namolelang ka letsoho la hae.

34. O ke o tlose thupa ya wona ho nna, mme matsoso a wona a lese ho nthotofatsa.

35. Eba ke moo ke neng ke tla bua, ke sa o tshabe; hobane ha ke le jwalo, haesale nna.