BIBELE e Halalelang

Jobo 9:19-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Ha nka ipiletsa matleng, o re: Ke nna ya matla; kapa ho lokeng, o re: Ke mang ya tlang ho mpiletsa nyeweng?

20. Leha ekaba taba ya ka e lokile, molomo wa ka o tshwanela ho ntswa; ha ekaba ha ke na molato, o tla mpona ke le molotsana.

21. Ho ba le molato, ha ke na wona; ha ke itlhokomele; bophelo ba ka ha ke re letho ka bona.

22. Ho na le taba e le nngwe feela eo ke e tiisang, ke re: O senya ya se nang molato le ya nang le molato.

23. Hoja lerumo le ka hla la bolaya hang! Empa o tsheha bohloko ba ya se nang molato.

24. Lefatshe le neelwa matsohong a ba babe; o sirela mahlo a baahlodi ba lona. Haese wona o etsang hoo, hleka e ka ba mang na?

25. Matsatsi a ka a ikela kapele ho fetisa ya lebelo; a baleha a eso ho bone leseho:

26. a tata jwaloka dikepana tsa lehlaka, jwaloka ntsu e hlwibilang phoofotswana ya yona.

27. Ha ke re, ke tla lebala bodumadumo ba ka, ke lese ho sosobana, ke ele sefahleho;

28. eba ke tshoswa ke mahloko a ka kaofela, ke ntse ke tseba hoba o ke ke wa mpea ya se nang molato.

29. Erekaha ke le molato, ke sa ikgathalletsang lefeela?

30. Leha nka itlhatswa metsing a lehlwa, kapa ka hlapa matsoho metsing a melora,

31. leha ho le jwalo o ntshobunya diretseng, mme nka tenwa le ke dikobo tsa ka.

32. Hobane hase motho ya jwaloka nna hore ke fetolane le wona, mme re isane kahlolong le wona.