BIBELE e Halalelang

Jobo 9:12-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Bona, o ntshwere: o ka thibelwa ke mang? Ke mang ya tla re ho wona: O etsang?

13. Modimo ha o kgutlise kgalefo ya wona. Ha esita dikgakeletso tsa lefatshe di imelwa tlasa wona,

14. nna ke mang hore ke o fetole? Ke kgethe jwang ditaba tse nepehileng tsa ho o arabela?

15. Le hojane ke lokile, nke ke ka araba; nka ithapella mohau wa moahlodi wa ka feela.

16. Le hoja o ka araba mohoo wa ka, nka sitwa ho dumela hore o ka utlwa lentswe la ka;

17. wona o ntubang ka sefefo, o atisang maqeba a ka feelafeela!

18. Ha o mphe sebaka sa ho ntsha letshwea, hobane o nkgorisa tse babang.

19. Ha nka ipiletsa matleng, o re: Ke nna ya matla; kapa ho lokeng, o re: Ke mang ya tlang ho mpiletsa nyeweng?

20. Leha ekaba taba ya ka e lokile, molomo wa ka o tshwanela ho ntswa; ha ekaba ha ke na molato, o tla mpona ke le molotsana.

21. Ho ba le molato, ha ke na wona; ha ke itlhokomele; bophelo ba ka ha ke re letho ka bona.

22. Ho na le taba e le nngwe feela eo ke e tiisang, ke re: O senya ya se nang molato le ya nang le molato.

23. Hoja lerumo le ka hla la bolaya hang! Empa o tsheha bohloko ba ya se nang molato.

24. Lefatshe le neelwa matsohong a ba babe; o sirela mahlo a baahlodi ba lona. Haese wona o etsang hoo, hleka e ka ba mang na?