BIBELE e Halalelang

Jobo 42:9-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Yaba Elifase wa Themane, le Bildade wa Shua, le Tsofare wa Naama, ba ya, ba etsa jwalokaha Jehova a ba boleletse; mme Jehova a mamela thapello ya Jobo.

10. Mme Jehova a ntsha Jobo ditlamong tsa hae, ha a se a rapeletse metswalle ya hae; mme Jehova a mo atisetsa habedi tseo a neng a ena le tsona pele.

11. Yaba banababo bohle, le dikgaitsedi tsa hae kaofela, le bohle bao a neng a tsebana le bona pele, ba tla ho yena, ba ja le yena ka tlung ya hae, ba hlakola meokgo ya hae, ba mo tshedisa hodima bohloko bohle boo Jehova a neng a bo tlisitse hodima hae; e mong le e mong a mo nea sekoto sa silefera le lesale la kgauta.

12. Mme Jehova a hlohonolofatsa qetello ya Jobo ho fetisa qalo ya hae; a rua dinku tse dikete tse leshome le metso e mene, le dikamele tse dikete tse tsheletseng, le dipholo tse lekaneng dijoko tse sekete, le diesele tse sekete tse tshehadi.

13. A ba le bara ba supileng le baradi ba bararo;

14. mme wa pele a mo rea lebitso la Jemima, wa bobedi la Ketsia, wa boraro la Keren-Appuke.

15. Mme ho ne ho sa fumanwe naheng yohle basadi ba leng batle jwaloka baradi ba Jobo; mme ntata bona a ba arolela lefa hara dikgaitsedi tsa bona.

16. Kamora moo, Jobo a nna a phela dilemo tse lekgolo le nang le mashome a mane; mme a bona bara ba hae, le bara ba bara ba hae, ho isa molokong wa bone.

17. Mme Jobo a shwa, a tsofetse, a atetswe ke matsatsi.