BIBELE e Halalelang

Jobo 42:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba Jobo o arabela Jehova, a re:

2. Ke a tseba hobane ha o sitwe ke letho, le hoba ha ho morero oo o ke keng wa o phetha.

3. Ke haele mang ya ka fifatsang merero ya hao ka dipolelo tse se nang kelello? Ke fela ke buile, ke se na kutlwisiso, ke boletse mehlolo e mphetang, eo ke sa e utlwisiseng.

4. Oho! o mmamele jwale, mme ke tla bua! Ke tla o botsa, mme o tla nthuta.

5. Ke ne ke utlwile tsa hao ka ditsebe feela; empa jwale, mahlo a ka a o bone.

6. Ke fela ke inyatsa, mme ke iteta sefuba ke le leroleng le moloreng.

7. Eitse hobane Jehova a bue dipolelo tseo ho Jobo, Jehova a re ho Elifase wa Themane: Bohale ba ka bo tuketse wena le metswalle ya hao e mmedi, hobane ha le a ka la bolela tsa ka hantle, jwalokaha ho entse Jobo, mohlanka wa ka.

8. Ka baka leo, ntshang jwale dipoho tse supileng, le dipheleu tse supileng, le ikele ho mohlanka wa ka, Jobo, le hlahise setjheso bakeng sa lona, mme Jobo, mohlanka wa ka, a ke a le rapelle; ke ka baka la hae a nnotshi nke keng ka le otla ka baka la bowatla ba lona; hobane ha le a ka la bolela tsa ka ka ho loka, jwaloka mohlanka wa ka, Jobo.

9. Yaba Elifase wa Themane, le Bildade wa Shua, le Tsofare wa Naama, ba ya, ba etsa jwalokaha Jehova a ba boleletse; mme Jehova a mamela thapello ya Jobo.

10. Mme Jehova a ntsha Jobo ditlamong tsa hae, ha a se a rapeletse metswalle ya hae; mme Jehova a mo atisetsa habedi tseo a neng a ena le tsona pele.