BIBELE e Halalelang

Jobo 4:12-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Empa lentswe le mphihletse sephiring, tsebe ya ka ya utlwa nyenyetso ya lona.

13. Yare nahanong ya ditaba le diponong tsa bosiu, ka nako eo boroko bo kgalang batho,

14. tshoho le thothomelo tsa nkwela hodimo, tshisimoho ya thekesedisa masapo a ka kaofela;

15. seriti sa feta pela sefahleho sa ka, mmeleng wa ka boya ba sosobana;

16. sa ema, empa ka sitwa ho lemoha sebopeho sa sona; se ne se le pela mahlo a ka; ha kgutsa, mme ka utlwa lentswe le reng:

17. Na ya shwang a ka loka pela Modimo na, kapa motho na o hlwekile pela Mmopi wa hae na?

18. Bona, esita le bahlanka ba wona ha o ba tshepe; o bona kodi le ho mangeloi a wona;

19. ho jwalo hakakang ho ba ahileng matlung a letsopa, ba hlahileng leroleng, ba ka rinngwang jwaloka ditshwele!

20. Ho nka hosasa ho fihlisa mantsiboya, ba thuhakanngwa, ba timela ka ho sa feleng, ba sa lemohuwe.

21. Bokgabane ba bona bo feta le bona; ba shwa, ba eso ho fihlele bohlale.