BIBELE e Halalelang

Jobo 4:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba Elifase wa Themane o fetola, a re:

2. Ha re leka ho bua le wena na o tla utlwa bohloko? Empa ya ka itshwarang ke mang, hore a se ke a bua?

3. Bona, wa nna wa ruta batho ba bangata, wa tiisa matsoho a tepeletseng;

4. lentswe la hao le emisitse ba kgothometsehang, mme o tiisitse mangole a tetemang.

5. Jwale, wena, ha tsietsi e o hlahetse, o a fokola! Jwale, ha e o amile, o a thethelwa!

6. Borapedi ba hao na hase tshepo ya hao na? Na ha o itshepise ka ho hloka molato bophelong ba hao na?

7. Ako elellwe: motho ke ofe ya timetseng, ha a se na molato? Ho lahlehile kae batho ba lokileng?

8. Hoo ke ho boneng ke hoba ba lemileng bokgopo, ba jetseng bolotsana, bona ba kotula jona;

9. ba fediswa ke pudulo ya Modimo, ba timetswa ke phefumoloho ya kgalefo ya wona.