BIBELE e Halalelang

Jobo 38:29-41 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

29. Leqhwa le tswa maleng a mang? Serame se lalang fatshe se hlahisitswe ke mang?

30. Ke ka mokgwa o jwang ha metsi a hwama, a eba thata jwaloka lejwe, mme bohodimo ba bodiba bo tiya hammoho?

31. Na ke wena ya lohileng thapo e tlamileng Selemela, kapa o na le matla a ho lokolla senyepa sa Makolobe na?

32. Na o ka hlahisa dinaledi tsa lehodimo mehleng ya tsona, kapa ke wena ya tsamaisang Koloi le dinaletsana tsa yona?

33. Na o tseba melao ya mahodimo le tshebetso ya yona lefatsheng na?

34. Na o ka howeletsa ho maru ka lentswe la hao, hore a be a phakise a o apese ka pula e kgolo na?

35. Na o ka roma mahadima, a ke a hadime? Na a tla re ho wena: Ke rona bana?

36. Ke mang ya neileng pelo ya motho bohlale, ke mang ya neileng moya wa hae kutlwisiso?

37. Ke mang ya fihletseng palo ya maru ka bohlale ba hae, mme ke mang ya ka tshelang makuka a mahodimo,

38. ha lerole le phalla jwaloka tshepe e qhibilihisitsweng, mme makote a teana?

39. Na o ka bolaela tau phoofolo, le ho kgorisa ho lapa ha ditawana,

40. ha di bothile matsabeng a tsona, leha di laletse hara dihlahla?

41. Ke mang ya baballang lekgwaba ka dijo tsa lona, ha madinyane a lona a hoeletsa ho Modimo, mme a kekella mane le mane ke ho lapa?