BIBELE e Halalelang

Jobo 38:26-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. ho nesa pula nahathothe, le naheng e tshehla, moo ho sa aheng motho teng;

27. ho nosetsa dinaha tsa mafeella, tse omileng, ho medisa jwang bo botala?

28. Na pula e na le ntata yona na? Kapa marothodi a diphoka a tswetswe ke mang na?

29. Leqhwa le tswa maleng a mang? Serame se lalang fatshe se hlahisitswe ke mang?

30. Ke ka mokgwa o jwang ha metsi a hwama, a eba thata jwaloka lejwe, mme bohodimo ba bodiba bo tiya hammoho?

31. Na ke wena ya lohileng thapo e tlamileng Selemela, kapa o na le matla a ho lokolla senyepa sa Makolobe na?

32. Na o ka hlahisa dinaledi tsa lehodimo mehleng ya tsona, kapa ke wena ya tsamaisang Koloi le dinaletsana tsa yona?

33. Na o tseba melao ya mahodimo le tshebetso ya yona lefatsheng na?