BIBELE e Halalelang

Jobo 38:13-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. hore a tshware dipheletso tsa lefatshe, a tle a qhalanye ba bolotsana pela wona na?

14. Ke hona moo lefatshe le fetohang sebopebo, jwaloka letsopa ha le bopjwa, mme dintho kaofela di hlahang ho le apesa.

15. Teng, lesedi la ba bolotsana le tloswa ho bona, mme letsoho le otlolohileng le a robeha.

16. Na o finyeletse mehloding ya lewatle? Na o ile wa fihla bofellong ba sekoti sa bodiba na?

17. Na o buletswe menyako ya lefu na? Na o bone menyako ya moriti wa lefu na?

18. Na o utlwisisa bophara ba lefatshe na? Haeba o tseba dintho tseo kaofela, o bolele!

19. E kae tsela e isang tlung ya lesedi? Haele lefifi, na bodulo ba lona ke kae na?

20. Na o tla di lata tse pedi hore o tsebe moo di fellang teng, o tsebe le tsela e isang tlung ya tsona na?

21. Ha ke re o a di tseba, hobane o ne o se o hlahile, mme palo ya matsatsi a hao e kgolo haholo!

22. Na o finyeletse tlung ya polokelo ya lehlwa? Na o bone ntlo ya polokelo ya sefako,

23. seo ke se boloketseng letsatsi la tshenyo, le letsatsi la ho futuha le la ntwa na?

24. Tsela ke efe e isang moo lesedi le arohanang teng, moo sefefo se tswang ho tla fokela lefatsheng?

25. Ke mang ya entseng masobana a hasang dipula, le tsela ya lehadima le dumang;

26. ho nesa pula nahathothe, le naheng e tshehla, moo ho sa aheng motho teng;

27. ho nosetsa dinaha tsa mafeella, tse omileng, ho medisa jwang bo botala?

28. Na pula e na le ntata yona na? Kapa marothodi a diphoka a tswetswe ke mang na?

29. Leqhwa le tswa maleng a mang? Serame se lalang fatshe se hlahisitswe ke mang?

30. Ke ka mokgwa o jwang ha metsi a hwama, a eba thata jwaloka lejwe, mme bohodimo ba bodiba bo tiya hammoho?

31. Na ke wena ya lohileng thapo e tlamileng Selemela, kapa o na le matla a ho lokolla senyepa sa Makolobe na?

32. Na o ka hlahisa dinaledi tsa lehodimo mehleng ya tsona, kapa ke wena ya tsamaisang Koloi le dinaletsana tsa yona?