BIBELE e Halalelang

Jobo 38:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba Jehova o fetola Jobo a le sefefong, a re:

2. Ya fifatsang morero wa ka ka dipolelo tse se nang kelello ke mang?

3. Jwale, o itlame letheka jwaloka monna, ke tle ke o botse, mme o nthute.

4. O ne o le kae, mohla ke theang lefatshe? Bolela, ha o ena le tsebo.

5. Ke mang ya beileng tekanyo ya lona, ha o tseba, kapa ke mang ya le lekantseng ka thapo?

6. Metheo ya ditshiya tsa lona e tjhekilwe ho eng? Kapa ke mang ya beileng lejwe la ntlha ya lona,

7. mohla dinaledi tsa meso di ntshang mehoo ya thabo, le bara bohle ba Modimo ba binang ka nyakallo?

8. Ke mang ya kwaletseng lewatle ka menyako, mohla le kgaolang dithapo tsa lona jwaloka ngwana ya tswang popelong,

9. ha ke tla le fa maru ho ipopa ka wona, le mehodi e metenya ho iphutela ka yona;

10. ka ba ka le beela meedi ya lona, ka tiisa mekwallo le menyako ya lona,

11. mme ka re: O tla fihla ho tlisa mona, ha o na ho fetela pele; boikgohomoso ba maqhubu a hao bo tla fella mona?

12. Haesale o phela, na o se o kile wa laela meso ho hlaha, kapa o laetse mafube moo a tlang ho hlaha teng,