29. Ha o lokisa ditaba jwalo, ke mang ya tla nyatsa? Mme ha o ka pata sefahleho sa wona, ke mang ya ka o bonang? O busa ditjhaba le batho ka mokgwa o jwalo;
30. hore motho ya bolotsana a se ke a busa, a se ke a dihela setjhaba.
31. Hobane na o teng ya ka reng ho Modimo: Ke otlilwe, leha ke se na molato;
32. o mpontshe seo ke sa se boneng; ha ekaba ke entse bokgopo, ha ke sa tla hlola ke etsa jwalo!
33. A Modimo o tla ya ka wena, ha o putsa motho na? O re, ha o kgolwe ke molao oo o yang ka wona! A e be wena, e seng nna, ya kgethang o mong molao; hlahisa seo o se tsebang!
34. Banna ba kutlwisiso ba tla bolela jwaloka nna, le motho ya bohlale ya mmametseng o tla re:
35. Jobo ha a ka a bua ka bohlale, ditaba tsa hae ke tse sa utlwahaleng.
36. Takatso ya ka ke hoba Jobo a lekwe ho isa qetellong haele mona a arabile ka mokgwa wa ba babe.
37. Hobane o ekeleditse sebe sa hae ka ho ikgantsha; hara rona o a ithoka, o eketsa ho bua ditaba tse lwantshang Modimo.