BIBELE e Halalelang

Jobo 34:16-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Jwale, ha ekaba o ena le kutlwisiso, mamela taba ena, o ele lentswe la dipolelo tsa ka hloko.

17. Ya hloyang ho loka na o ne a ka rena na? Kapa o ka tswa jwang ya nang le ho loka hohle,

18. ya tumisang bokgopo ba marena le bolotsana ba mahosana,

19. ya sa kgetheng tshobotsi ya baholo, ya sa rateng morui ho ena le mofumanehi; etswe bohle e le mosebetsi wa matsoho a hae?

20. Ba ye ba shwe hang, hara bosiu; setjhaba se ye se heletswe, se timele; ba matla ba tloswa, e seng ka letsoho la motho.

21. Hobane mahlo a wona a tadimile mekgwa ya batho bohle, mme o bona metsamao ba yona kaofela.

22. Ha ho lefifi, ha ho moriti o motsho, moo ba sebetsang bokgopo ba ka ipatang teng.

23. Hobane ha o batle nako e telele ho tseba motho ya tshwanetseng ho hlaha kahlolong pela wona.

24. O thubakanya ba matla, o sa botse letho hodima bona, o bea ba bang ditulong tsa bona;

25. hobane o tseba mesebetsi ya bona; o ba diha bosiu, mme ba thubakanngwa.

26. O ba bolaya pontsheng ya bohle, kaha e le disenyi.

27. Hobane ba o furaletse, mme ha ba ka ba hlokomela ditsela tsa wona;

28. ba nyoloseditse mehoweletso ya basenyehi ho wona, mme o utlwile dillo tsa bahlomohi.

29. Ha o lokisa ditaba jwalo, ke mang ya tla nyatsa? Mme ha o ka pata sefahleho sa wona, ke mang ya ka o bonang? O busa ditjhaba le batho ka mokgwa o jwalo;

30. hore motho ya bolotsana a se ke a busa, a se ke a dihela setjhaba.

31. Hobane na o teng ya ka reng ho Modimo: Ke otlilwe, leha ke se na molato;

32. o mpontshe seo ke sa se boneng; ha ekaba ke entse bokgopo, ha ke sa tla hlola ke etsa jwalo!

33. A Modimo o tla ya ka wena, ha o putsa motho na? O re, ha o kgolwe ke molao oo o yang ka wona! A e be wena, e seng nna, ya kgethang o mong molao; hlahisa seo o se tsebang!

34. Banna ba kutlwisiso ba tla bolela jwaloka nna, le motho ya bohlale ya mmametseng o tla re:

35. Jobo ha a ka a bua ka bohlale, ditaba tsa hae ke tse sa utlwahaleng.

36. Takatso ya ka ke hoba Jobo a lekwe ho isa qetellong haele mona a arabile ka mokgwa wa ba babe.