BIBELE e Halalelang

Jobo 32:8-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Empa moya o teng ho motho, pudulo ya Ya matla wohle ke yona e neang motho kutlwisiso.

9. Ba dilemo tse ngata hase bona ba leng bohlale, ba hodileng hase bona ba utlwisisang tse lokileng.

10. Ke ka baka leo ke reng: Mmameleng! le nna ke rata ho tsebisa mehopolo ya ka.

11. Bonang, ke ne ke ntse ke lebeletse qetello ya dipolelo tsa lona, ke ne ke sekehela diphetoho tsa lona ditsebe, ha le ntse le nahana seo le tla se bua.

12. Ka le mamela ka ho le ela hloko; empa bonang, ha ho e mong ho lona ya hlotseng Jobo, ya arabileng dipolelo tsa hae.

13. Leha ho le jwalo, le se ke la re: Re bone bohlale ho yena, ke Modimo feela o ka mo hlolang, e seng motho.

14. Ha a ka a lebisetsa dipolelo tsa hae ho nna; nke ke ka mo araba ka mantswe a kang a lona.

15. Ba tsielehile, ha ba sa araba letho! Ba timeletswe ke puo!

16. Ka lebella, mme ha ba ka ba bua; ba ema, ha ba sa fetola!

17. Jwale, ke tla fetola le nna bakeng sa ka; le nna ke tla hlahisa mehopolo ya ka,

18. hobane ke kgotse ditaba, mme moya o teng ho nna o ntshututsang.

19. Bonang, matshwafo a ka a jwaloka veine e sa kang ya thibollwa, jwaloka makuka a matjha a ratang ho phatloha.

20. Ke rata ho bua, ke ntoo tseba ho ntsha letshwea hantle; ke tla ahlamisa melomo ya ka, ke arabe.