BIBELE e Halalelang

Jobo 32:3-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. hape, bohale ba hae ba tukela metswalle ya hae e meraro, hobane leha ba ne ba hlokile seo ba ka arabang ka sona, leha ho le jwalo, ba ne ba tswile Jobo.

4. Elihu o ne be a diehile ho fetola Jobo, hobane ba ne ba mo feta ka dilemo.

5. Eitse ha Elihu a mpa a bona hoba ho se karabo melomong ya banna ba bararo bao, bohale ba hae ba tuka.

6. Yaba Elihu, mora wa Barakeele, wa Buse, o fetola, a re: Ke monyenyane ka dilemo, mme lona le hodile; ka itshwara ke hona, ka tshaba ho le tsebisa mohopolo wa ka;

7. ka re: Ba nang le matsatsi ba tla bolela, ba dilemo tse ngata ba rute bohlale.

8. Empa moya o teng ho motho, pudulo ya Ya matla wohle ke yona e neang motho kutlwisiso.

9. Ba dilemo tse ngata hase bona ba leng bohlale, ba hodileng hase bona ba utlwisisang tse lokileng.

10. Ke ka baka leo ke reng: Mmameleng! le nna ke rata ho tsebisa mehopolo ya ka.

11. Bonang, ke ne ke ntse ke lebeletse qetello ya dipolelo tsa lona, ke ne ke sekehela diphetoho tsa lona ditsebe, ha le ntse le nahana seo le tla se bua.