BIBELE e Halalelang

Jobo 32:11-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Bonang, ke ne ke ntse ke lebeletse qetello ya dipolelo tsa lona, ke ne ke sekehela diphetoho tsa lona ditsebe, ha le ntse le nahana seo le tla se bua.

12. Ka le mamela ka ho le ela hloko; empa bonang, ha ho e mong ho lona ya hlotseng Jobo, ya arabileng dipolelo tsa hae.

13. Leha ho le jwalo, le se ke la re: Re bone bohlale ho yena, ke Modimo feela o ka mo hlolang, e seng motho.

14. Ha a ka a lebisetsa dipolelo tsa hae ho nna; nke ke ka mo araba ka mantswe a kang a lona.

15. Ba tsielehile, ha ba sa araba letho! Ba timeletswe ke puo!

16. Ka lebella, mme ha ba ka ba bua; ba ema, ha ba sa fetola!

17. Jwale, ke tla fetola le nna bakeng sa ka; le nna ke tla hlahisa mehopolo ya ka,

18. hobane ke kgotse ditaba, mme moya o teng ho nna o ntshututsang.

19. Bonang, matshwafo a ka a jwaloka veine e sa kang ya thibollwa, jwaloka makuka a matjha a ratang ho phatloha.

20. Ke rata ho bua, ke ntoo tseba ho ntsha letshwea hantle; ke tla ahlamisa melomo ya ka, ke arabe.

21. Empa nke ke ka tadima tshobotsi ya motho, nke ke ka qeka motho;

22. hobane ha ke tsebe ho qeka; hape, Mmopi wa ka a ka be a phakisa a ntlosa.