BIBELE e Halalelang

Jobo 29:5-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. ha Ya matla wohle a ne a na le nna, mme bana ba ka ba nteetse hare;

6. ha maoto a ka a ne a hlatsweha lebeseng, mme lefika le ne le ntswela melatswana ya ole.

7. Enere ha ke tswela kgorong ya motse, ke ne ke bea setulo sa ka lebaleng la yona;

8. ha ke atamela, ba batjha ba ne ba ntshuthela, ba hodileng ba ne ba raoha, ba ema;

9. mahosana a ne a lesa ho bua, a bea matsoho melomong ya wona;

10. lentswe la baeletsi le ne le kgutsa, leleme la bona le ne le kgomarela mahalapa a bona;

11. tsebe e neng e nkutlwa, e ne e re ke lehlohonolo; leihlo le neng le mpona, le ne le nthorisa.