BIBELE e Halalelang

Jobo 29:18-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Ke ne ke lekanya, ke re: Ke tla shwa ditaong tsa ka, ke tla atisa matsatsi a ka jwaloka lehlabathe;

19. motso wa ka o tla namela pela metsi, phoka e hlole bosiu makaleng a ka;

20. kganya ya ka e tla ntjhafala kamehla, seqha sa ka se matlafale letsohong la ka.

21. Ba ne ba sekeha tsebe ho nna, ba lebeletse, ba ne ba kgutsa ha ke eletsa.

22. Ho ne ho se e mong ya fetolang taba tsa ka ha ke se ke buile, ha ditaba tsa ka di rothotha hodima bona;

23. ba ntebella jwalokaha ho lebellwa pula, ba ahlamisa melomo ya bona jwaloka hola ba amohela pula ya lehwetla.

24. Ke ne ke ba tsheha, ha ba tsieleha, ba se ke ba tseba ho tlosa ho ela sefahlehong sa ka.